Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 5:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ya entseng Selemela le Makolobe, a fetola lefifi a le etsa meso, a fifatsa motsheare a o etsa bosiu, a bitsa metsi a lewatle a a nesa hodima lefatshe, lebitso la hae ke Morena.

Ver Capítulo Copiar




Amose 5:8
23 Referencias Cruzadas  

O senola makunutu a patilweng lefifing; o hlahisa moriti wa lefu leseding.


e ka thupa e otlang lefatshe ha le ena le molato, mohlomong o a tsamaise ho hlohonolofatsa ka wona.


Na o ka howeletsa ho maru ka lentswe la hao, hore a be a phakise a o apese ka pula e kgolo na?


O entse Koloi, le Makolobe, le Selemela, le maseberwana a ka nqa borwa.


O etsa lefifi, mme ho be bosiu; yaba ke ha dibatana tsohle tsa meru di itsamaela,


A romela lefifi, a hlahisa botsho, ba se ke ba hana lentswe la hae.


Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.


Re sika le lerako ka ho phopholetsa jwaloka difofu, re phopholetsa jwaloka hola re se na mahlo; re kgoptjwa motshehare jwaloka hoja e le bosiu; leha re le makgulong a nonneng, re tshwana le bafu.


Ka baka leo, bonang, jwale ke ba tsebisa letsoho la ka le matla a ka, ruri ke tla nne ke ba tsebise wona, mme ba tla tseba hobane lebitso la ka ke Jehova.


Ho itswe ke Jehova, ya tla etsa tseo, Jehova ya di lokisang, hore a tle a di sebetse, eo Jehova e leng lebitso la hae:


Hobane bona, ya hlodileng dithaba, ya entseng moya, ya tsebisang motho tse hopotsweng ke yena, ya fetolang meso lefifi, ya tsamayang hodima diphahama tsa lefatshe, lebitso la hae lona ke Jehova, Modimo wa makgotla.


Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene.


O haha matlo a hae a phahameng lehodimong; o bea lehodimo ho ba marulelo a hae hodima lefatshe; o bitsa metsi a lewatle, a a tshollele hodima lefatshe: lebitso la hae ke Jehova.


setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.


hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos