Yaba Benaia, mora Jehojada, o ya, a hlaba Joabe, a mmolaya, mme a patwa ka tlung ya hae e feelleng.
Mattheu 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mehleng eo, ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ruta feelleng la Judea. BIBELE Mehleng eo ha hlaha Johanne Mokolobetsi; a ruta feelleng la Judea, Baasraak Sotho NT Matsatsing ao ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ntse a ruta lefeelleng la Judea, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Matsatsing ao ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ntse a ruta lefeelleng la Judea, |
Yaba Benaia, mora Jehojada, o ya, a hlaba Joabe, a mmolaya, mme a patwa ka tlung ya hae e feelleng.
Ke re ho lona: Kannete, hara ba tswetsweng ke basadi, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
Bao ha ba tlohile, Jesu a qala ho bolella bongata tsa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang felleng? Na e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?
Ba re: Ba bang ba re, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o Jeremia, kapa e mong wa baporofeta.
Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.
Jwalokaha ho ngodilwe ke moporofeta Esaia, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o etella pele ho o lokisetsa tsela;
Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae,
Eitse hobane ba romilweng ke Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella bongata bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? A e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?
ho qala kolobetsong ya Johanne ho fihlela letsatsi leo a nyolositsweng ho rona, e mong wa bona e ka kgona e be paki ya tsoho ya hae le rona.
Bona, jwale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, jwalokaha a ne a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha Baiseraele ba ne ba ntse ba tsamaya lefeelleng; mme le ka bona, kajeno ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a nang le metso e mehlano.
Haele bana ba Mokene, mohwehadi wa Moshe, ba ne ba tlohile motseng wa Dipalema, ba nyolohetse le bana ba Juda feelleng la Juda, le leng ka nqa borwa ho Arade; mme ba tla, ba aha le batho ba teng.