Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bona, jwale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, jwalokaha a ne a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha Baiseraele ba ne ba ntse ba tsamaya lefeelleng; mme le ka bona, kajeno ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a nang le metso e mehlano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Jwale bona, ka dilemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, ho tloha mohla Morena a buang lentswe lena ho Moshe, ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehwatateng, Morena o babaletse bophelo ba ka, jwalokaha a ne a bue, mme ke mona kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi a metso e mehlano.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:10
9 Referencias Cruzadas  

Ba nnile ba solla feelleng, nahathothe, ba sa fumane motse wa ho aha;


Leha batho ba ka wa ba le sekete lehlakoreng la hao, ba le diketekete letsohong la hao le letona, wena, lefu le ke ke la o atamela.


haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.


Joshua a lwana le marena ao wohle ka tshiu tse ngata.


Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruwe.


Leha ho le jwalo, ke sa le matla le kajeno, jwaloka mohla Moshe a nthomang; jwalokaha matla a ka a ne a le jwalo mohlang oo, le kajeno matla a ka a ho lwana a ntse a le teng, a ho futuha le a ho boya.


Mohlang oo, Moshe a nkanela, a re: Kannete, lefatshe leo maoto a hao a ileng a le hata e tla nne e be lefa la hao le la bana ba hao kamehla; hobane o latetse Jehova, Modimo wa ka, kahohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos