O kgahlanyetsa ya ithabisang ka ho etsa ho lokileng, ya o hopolang ka ho boloka ditsela tsa hao. Bona, wa nna wa halefa, hobane re ne re o sitetswe, mme ra tiisetsa teng halelele; mme re ka bolokeha jwang?
Mattheu 28:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela. BIBELE Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela. Baasraak Sotho NT Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela. |
O kgahlanyetsa ya ithabisang ka ho etsa ho lokileng, ya o hopolang ka ho boloka ditsela tsa hao. Bona, wa nna wa halefa, hobane re ne re o sitetswe, mme ra tiisetsa teng halelele; mme re ka bolokeha jwang?
Jwale, Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang, le bolelle banabeso hore ba ye Galelea; ke moo ba tla mpona teng.
Ba phakisa ba tloha lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha, ba ya bolella barutuwa ba hae.
Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!
A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.
Yaba Maria o nka ponto ya setlolo sa nareda e hlwekileng e theko e thata, a tlotsa maoto a Jesu, mme a mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya ya ba ya tlala monkgo wa setlolo.
Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!
Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.
Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.