Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 13:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Qetellong, barab’eso, salang hantle. Le phethehe, le tshedisehe, le be le kgopolo e le nngwe, le phele ka kgotso; mme Modimo wa lerato le kgotso o tla ba le lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Qetellong, barab’eso, salang hantle. Le phethehe, le tshedisehe, le be le kgopolo e le nngwe, le phele ka kgotso; mme Modimo wa lerato le kgotso o tla ba le lona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 13:11
51 Referencias Cruzadas  

Eitse ha banababo ba bona hoba ntata bona o mo rata ho fetisa banababo kaofela, ba mo hloya, ba sitwa ho bua le yena ka kgotso.


A ntoo kgutlisa banababo hore ba tsamaye, mme a re ho bona: Le se ke la qabana tseleng.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Mme jwale, phethehang, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.


Jesu a ema, a re, a bitswe. Yaba ba bitsa sefofu, ba re ho sona: Kgothahala, o eme, o a o bitsa.


Letswai le molemo; empa letswai ha le tapa, le ka le noka kang? Le be le letswai ka ho lona, mme le ahisane ka kgotso.


E mong hape a re: Ke tla o latela, Morena; o mpe o ntumelle, ke ye ho dumedisa ba ntlo ya ka pele.


nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile.


e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!


A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese.


Jwale, erekaha ke boleletswe hoba Bajuda ba laletse monna enwa, ke mo rometse ho wena kapele, mme ke laetse baqosi ba hae hore tseo ba mo qosang ka tsona ba di bolelle wena. Dumela!


Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.


Ha ho ka etswa, mme ha e le ka lona, le dule ka kgotso le batho bohle.


A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.


Jwale, Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso yohle tumelong, tshepo ya lona e tle e ekeletswe ka matla a Moya o Halalelang.


Jwale, Modimo wa kgotso o be le lona bohle! Amen!


Modimo wa kgotso ke wona o tla phakisa o robokele Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen!


Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.


o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.


Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona.


ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste;


Le tiye matla ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo ya kgotso.


Kgotso, le lerato, le tumelo di be le baena, di etswa ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste!


Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,


Empa haele moo re setseng re fihletse teng, re ke re tsamaye ka molao o le mong.


Ke kgothatsa Efodia, ke kgothatsa Sintike, hore ba be le pelo e le nngwe Moreneng.


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


Tseo le ithutileng tsona la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, etsang tsona; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona.


Re ntse re o rapela motshehare le bosiu ka ho fetisisa, hore re ke re tsebe ho bona difahleho tsa lona le ho ekeletsa tumelo ya lona ka seo e haellwang ke sona.


Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.


Ka baka leo, le ke le tshedisane ka dipolelo tseo.


Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


Haele ka tse ding, banabeso, le re rapelleng, lentswe la Morena le tle le nne le mathe, mme le tlotliswe hohle jwaloka ha heno,


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


mme mamello e ka kgona e phethehe tshebetsong ya yona, le tle le be ba phethehileng, ba hodileng ruri, bao ho sa hlokweng letho ho bona.


a kgelohe bobe, mme a etse ho molemo, a batle kgotso, a e phehelle.


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos