Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.
Mattheu 27:63 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro. BIBELE ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’ Baasraak Sotho NT Ba re: “Monghadi, re a hopola hore mothetsi eo, ha a sa ntse a phela, o ile a re: ’Ka mora matsatsi a mararo ke tla tsoha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re: “Monghadi, re a hopola hore mothetsi eo, ha a sa ntse a phela, o ile a re: ’Ka mora matsatsi a mararo ke tla tsoha. |
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.
Ba tla mo neela baditjhaba, hore ba mo some, le ho mo shapa, le ho mo thakgisa sefapanong; mme o tla tsoha ka tsatsi la boraro.
tsa re: Enwa o kile a re: Ke na le matla a ho qhaqha tempele ya Modimo, ke be ke e tsose ka matsatsi a mararo.
Ka baka leo, ako laele hore lebitla le tiiswe, letsatsi la boraro le be le tjhabe, esere mohlomong barutuwa ba hae ba mo utswa, mme ba re ho setjhaba: O tsohile bafung; leshano leo la ho fela le ne le tla fetisa la pele.
Ha a sa le mona, hobane o tsohile jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone tao eo Morena a neng a beilwe ho yona.
Ba tla mo soma, ba mo shape, ba mo tshwele ka mathe, ba mmolaye; mme o tla be a tsohe ka tsatsi la boraro.
Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.
Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho; ba tla mmolaya, mme hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.
A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.
Mme etlare hobane ba mo shape, ba tla mmolaya; mme o tla tsoha bafung ka letsatsi la boraro.
Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.
a re: E ka kgona Mora motho a utlwe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le ke bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha bafung ka letsatsi la boraro.
Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.
Mme phapang e ne e le kgolo hodima hae hara setjhaba. Ba bang ba ne ba re: O molemo; ba bang ba re: Tjhe; empa o thetsa batho.