Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:63 - Baasraak Sotho NT

63 Ba re: “Monghadi, re a hopola hore mothetsi eo, ha a sa ntse a phela, o ile a re: ’Ka mora matsatsi a mararo ke tla tsoha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

63 ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

63 ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

63 Ba re: “Monghadi, re a hopola hore mothetsi eo, ha a sa ntse a phela, o ile a re: ’Ka mora matsatsi a mararo ke tla tsoha.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:63
18 Referencias Cruzadas  

Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.


Ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha. Mme ba swaba haholo.


Ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba hore ba mo some, le ho shapuwa, le ho mo thakgisa, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.


ba re: “Monna enwa o itse: ’Nka qhaqha Tempele ya Modimo, le ho e haha ka matsatsi a mararo.


Ka baka leo, laela hore lebitla le tiiswe ho fihlela letsatsi la boraro, esere barutuwa ba hae ba tla bosiu, ba mo utswa, ba re ho matshwele: O tsohile bafung;


Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone nqalo eo Jehova a neng a robetse ho yona.


Ba tla mo soma, ba mo shape, ba mo tshwele ka mathe, ba mmolaye, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.


A qala ho ba ruta hore Mora motho o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.


Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; mme etlare hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.


Yaba o nka ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngodilweng ke baporofeta malebana le Mora motho di tla phethahala.


Ba tla mo shapa, ba mmolaye, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.


Ba qala ho mo qosa, ba re: Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba, a hanela ho ntshetsa Sesare lekgetho, a re, yena ke Kreste, morena.


A re: E ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.


Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.


Letshwele le ne le dumaduma ka yena, hobane ba bang ba ne ba re: “O molemo; empa o kgelosa batho.


Bafarisi ba ba araba, ba re: Hleka le lona le thetsitswe na?


Ka hlompho le ho se hlomphehe, ka botumo bo bobe le botumo bo botle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos