La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 27:60 - Sesotho 1909/1961 (SO)

a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.

Ver Capítulo

BIBELE

a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.

Ver Capítulo



Mattheu 27:60
12 Referencias Cruzadas  

Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.


O etsang mona? O na le mang mona, ha o ipetletse lebitla mona? O betlile lebitla phahameng, o itjheketse moaho lefikeng.


O beilwe lebitleng le ba babe, empa o bile a ba le morui lefung la hae, kahobane ha a ka a senya letho, mme bokgopo ha bo a ka ba eba teng molomong wa hae.


Eitse hobane a nke setopo, a se phuthela ka lesela le lesweu;


Yaba ba ya, ba tiisa lebitla, ba lebeletsa lejwe ka letshwao la bona, mme ba bea balebedi.


Tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; hobane lengeloi la Morena la theoha lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe le neng le le monyako, la ntoo dula hodima lona.


Empa ba fihlela lejwe le phikolositswe lebitleng.


Jwale, Jesu a boela a hlabeha kahare ho yena, mme a ya lebitleng. Lebitla e ne e le lehaha, mme lejwe le ne le thibile monyako wa lona.


Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile.


Nqalong eo, moo a neng a thakgisitswe, serapa se ne se le teng; serapeng seo lebitla le ne le le teng, le letjha, moo ho neng ho eso ho patwe motho.


Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.