Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 22:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O etsang mona? O na le mang mona, ha o ipetletse lebitla mona? O betlile lebitla phahameng, o itjheketse moaho lefikeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 ‘O etsang moo, ka tumello ya mang, ha o ntse o itjhekela lebitla, o le tjheka moo ho phahamileng, o ipetlela lebitla la phomolo lefikeng?’

Ver Capítulo Copiar




Isaia 22:16
10 Referencias Cruzadas  

Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.


Absalome, ha a sa phela, o ne a nkile seemahale, a itlhometse sona sekgutlong sa morena ka ho re: Ha ke na mora ya tla hopotsa batho lebitso la ka. Le kajeno lena, se ntse se bitswa seemahale sa Absalome.


A patwa lebitleng la hae, leo a neng a itjheketse lona motseng wa Davida, mme a robatswa malaong a tletseng dinoko le dibano tse mefuta e mengata tse entsweng ka mokgwa wa baetsi ba tse nkgang hamonate; a ba a tjhesetswa bongata bo boholo haholo ba tsona.


le marena le ba baholo ba lefatshe, ba ikgahetseng mabitla;


Haele marena wohle a ditjhaba, a epetswe ka hlonepho, e mong le e mong lebitleng la hae.


Empa wena, o lahlilwe hole le lebitla la hao, jwaloka lehlomela le lebe le nyatsuwang, le jwaloka kobo ya ba bolailweng ka lerumo, ba lahlelwang lengopeng hara majwe, le jwaloka setopo se hatakelwang ka maoto.


Bona, Jehova o tla o tshwara, a o lahlele hole ka matla;


Na ke tla etsang, ho bolela Jehova, ha setjhaba sa ka se tlositswe feela? Ba se etsetsang boima ba ithorisa ka sona, ho bolela Jehova; lebitso la ka le nyefolwa kamehla, ka tsatsi le leng le le leng.


Tsohang, le tsamaye! hobane mona hase moo le ka phomolang teng ka baka la ditshila tse hlahisang tshenyeho, tshenyeho e tshabehang.


a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos