Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:60 - BIBELE

60 a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

60 a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

60 A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

60 A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:60
12 Referencias Cruzadas  

‘Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.’ Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”


‘O etsang moo, ka tumello ya mang, ha o ntse o itjhekela lebitla, o le tjheka moo ho phahamileng, o ipetlela lebitla la phomolo lefikeng?’


O na hopoletswe ho epelwa mabitleng a ba kgopo, le hoja a ne a eso ka a etsa phoso, le leshano le eso tswe molomong wa hae; empa ha a sa shwele a epelwa bitleng la morui.


Josefa a nka setopo, a se phuthela ka lesela le hlwekileng,


Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata.


Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.


Ba fumana lejwe le phikoloseditswe thoko le lebitla.


Jwale Jesu a boela a hlabeha pelong, a ya lebitleng. E ne e le lehaha, mme le ne le kwetswe ka letlapa.


Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.


Sebakeng seo a thakgisitsweng ho sona ho ne ho ena le serapa, mme serapeng ho ena le lebitla le letjha, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ka ho lona;


Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos