Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 28:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; hobane lengeloi la Morena la theoha lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe le neng le le monyako, la ntoo dula hodima lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Mme bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hobane lengeloi la Jehova le theohile lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe la monyako, la dula hodima lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Mme bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hobane lengeloi la Jehova le theohile lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe la monyako, la dula hodima lona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 28:2
12 Referencias Cruzadas  

a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.


Yaba ba ya, ba tiisa lebitla, ba lebeletsa lejwe ka letshwao la bona, mme ba bea balebedi.


Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.


Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.


Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, la ba ntsha, la re:


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.


Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos