La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 27:50 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa Jesu a boela a meketsa ka lentswe le leholo, mme a neela moya.

Ver Capítulo

BIBELE

Jesu a boela a meketsa ka lentswe le phahameng, mme a neela moya.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jesu, hoba a hoeletse hape ka lentswe le phahameng, a neela moya.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jesu, hoba a hoeletse hape ka lentswe le phahameng, a neela moya.

Ver Capítulo



Mattheu 27:50
14 Referencias Cruzadas  

Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Empa ba bang ba re: Lesang, re ke re bone na Elia o tla tla mo pholosa.


Empa Jesu a meketsa ka lentswe le leholo, a neela moya.


Jesu hobane a meketse ka lentswe le leholo, a re: Ntate, ke neela moya wa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moya.


Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.


Jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate; mme ke beela dinku bophelo ba ka.


Nkgo e tletseng asene e ne e le teng moo; ba tlatsa seponse ka asene, mme ba se thatela thupeng ya hisopa, ba se isa molomong wa hae.


Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya.


Mme kahobane bana ba na le kabelo nameng le mading, le yena o ile a ba le kabelo teng jwaloka bona, hore a fedise ka lefu la hae ya nang le mmuso wa lefu, ke ho re, Diabolose,


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!