Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:50 - BIBELE

50 Jesu a boela a meketsa ka lentswe le phahameng, mme a neela moya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Empa Jesu a boela a meketsa ka lentswe le leholo, mme a neela moya.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

50 Jesu, hoba a hoeletse hape ka lentswe le phahameng, a neela moya.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

50 Jesu, hoba a hoeletse hape ka lentswe le phahameng, a neela moya.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:50
14 Referencias Cruzadas  

Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.


Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


Ba bang bona ba re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo pholosa.”


Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a neela moya.


Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.


“Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae.


jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate, mme ke tella dinku tsa ka bophelo ba ka.


Ho ne ho ena le nkgo e tletseng asene; ba tlamella semonyametsi se tletseng asene leqaleng, ba se isa molomong wa hae.


Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.


Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos