Mattheu 27:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona. BIBELE Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!” Baasraak Sotho NT Pilato ha a bona hoba ha a thuse letho, empa moferefere o ntse o tswela pele, a nka metsi, a hlapa matsoho pela letshwele, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Pilato ha a bona hoba ha a thuse letho, empa moferefere o ntse o tswela pele, a nka metsi, a hlapa matsoho pela letshwele, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; |
e leng ba reng ho sefate: O ntate; le ho lejwe: Ke tswetswe ke wena. Hobane ba nneile seholoholo, e seng sefahleho; empa tsatsing la tsietsi ya bona, ba re: Ema, o re pholose.
Leha ho le jwalo, o re: Tjhe, ha ke na molato; efela kgalefo ya hae e nkgelohile! Bona, ke o tsekisa kahobane o bile o re: Ha ke a ka ka etsa sebe.
Empa ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.
Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.
a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.
Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!
Ke moo ho etsahetseng ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: Ba nkile ditjhelete tse mashome a mararo, theko ya ya lekanntsweng, eo bara ba Iseraele ba mo lekantseng jwalo,
Simone Petrose a re ho yena: Morena, a e se be maoto a ka feela, e be le wona matsoho le hlooho.
Yaba Pilato o boela a tswela ntle, mme a re ho bona: Bonang, ke mo ntshetsa ntle ho lona, le tle le tsebe hobane ha ke fumane molato ho yena, leha o le mong.
Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.
Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.