Mattheu 27:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno. BIBELE Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.” Baasraak Sotho NT Eitse ha a dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba le monna eo ya lokileng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba le monna eo ya lokileng; |
Empa Modimo wa tla ho Labane, Moarame, torong ya bosiu, wa re ho yena: O itemohele, o se ke wa bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.
Ke na le matla a ho le etsa hampe, empa Modimo wa bontata lona o buile le nna maobane, wa re: O itemohele, esere o ka bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.
Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.
Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.
Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.
A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.
Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.
Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:
Empa, eitse hobane a utlwe ha ho thwe, Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; mme ha a senoletswe ke Modimo ka toro, a kgutlela naheng ya Galelea.
Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.
a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.
Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.
Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!
Eitse ha Pilato a utlwa taba eo, a ntshetsa Jesu ntle, mme a dula setulong sa kahlolo, nqalong e bitswang Letlapa, ka Seheberu ke Gabatha.
Ka letsatsi le beilweng, Heroda a apara kobo tsa borena, a dula teroneng ya hae; ha a ntse a bua le bona,
Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,
Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.
Pauluse a re: Ke eme lekgotleng la Sesare, moo ke tshwanetseng ho ahlolwa teng; haele ho Bajuda, ha ke a ka ka etsa ho kgopo, jwaloka ha le wena o tseba hantlentle.
Ka baka leo, eitse ha ba fihla mona, ha ke a ka ka dieha, ka mpa ka ya dula kgotla, ka laela hore monna eo a tliswe.
Yare hobane a hlole ho bona ditshiu tse sa feteng tse robileng meno e mmedi kapa tse leshome, a boela Sesarea; ka le hlahlamang a dula setulong sa kahlolo, mme a laela hore Pauluse a tliswe.
Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.