A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
Mattheu 27:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa leha a ne a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a ka a araba letho. BIBELE Ha a ntse a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a a ka a araba letho. Baasraak Sotho NT Eitse ha a qoswa ke baprista ba baholo le baholo, a se ke a araba letho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a qoswa ke baprista ba baholo le baholo, a se ke a araba letho. |
A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.
Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;