Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 53:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 O ila tlatlapuwa, a ikokobetsa ha a hlokofatswa, empa ha ho letho leo a ila le bua; a qhojwa sa konyana ha e iswa tlhabong, mme jwalokaha nku e sa lle ha e kutwa, le yena ha ho letho leo a ila le bua.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 53:7
17 Referencias Cruzadas  

Ke jwaloka motho ya sa utlweng, ya se nang phetolo molomong wa hae.


Hobane ke itshepetse wena, Jehova! O tla nkarabela, Morena, Modimo wa ka!


Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang.


Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.


A mpa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: Na ke wena Kreste, Mora wa Modimo o bokwang na?


Empa Jesu a se ke a araba letho, Pilato a ba a makala.


A mmotsa ditaba tse ngata; empa Jesu ha a ka a mo araba letho.


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


A boela a kena kgotla, a re ho Jesu: O wa hokae na? Empa Jesu ha a ka a mo nea karabo.


enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;


Yaba ke bona konyana e kang e hlabilwe, e eme mahareng a terone le a dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, e na le dinaka tse supileng, le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya Modimo, e rometsweng kahohle lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos