Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa ha a ka a araba lentswe leha le le leng; mmusisi a ba a makala haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Mme a se ka a mo araba, a se ka a bua sepe; hoo mmusisi a ileng a makala haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mme a se ka a mo araba, a se ka a bua sepe; hoo mmusisi a ileng a makala haholo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:14
10 Referencias Cruzadas  

Ho ba bangata ke ka mohlolo; empa wena o setshabelo sa ka se matla.


Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.


Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!


Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.


Empa leha a ne a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a ka a araba letho.


Yaba Pilato o re ho yena: Na ha o utlwe ha ba o qosa hakakale na?


Empa Jesu a se ke a araba letho, Pilato a ba a makala.


A mmotsa ditaba tse ngata; empa Jesu ha a ka a mo araba letho.


A boela a kena kgotla, a re ho Jesu: O wa hokae na? Empa Jesu ha a ka a mo nea karabo.


Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos