Noha e ne e feta ka bohlale diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Modimo a di entseng; mme ya re ho mosadi: A efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tsa tshimo na?
Mattheu 26:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye. BIBELE mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya. Baasraak Sotho NT Ba rera ho tshwara Jesu ka mano, mme ba mmolaye. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba rera ho tshwara Jesu ka mano, mme ba mmolaye. |
Noha e ne e feta ka bohlale diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Modimo a di entseng; mme ya re ho mosadi: A efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tsa tshimo na?
Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?
Moetsadibe, o se ke wa tjhekela ntlo ya ya lokileng mamena, o se ke wa senya moo a phomolang teng.
Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.
a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?
Eo a etsa ka mano ho setjhaba sa rona, a hlorisa bontata rona, a ba a ba lahlisa bana ba bona, hore ba tle ba se ke ba hlola ba ata.
Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.