Etlare ha motho a le botsa taba, le tle le re ho yena: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.
Mattheu 26:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka. BIBELE A re: “Eyang motseng ho motho ya itseng, le re ho yena: ‘Moruti o re nako ya ka e haufi, ke tla jela Paseka ha hao mmoho le barutuwa ba ka.’ ” Baasraak Sotho NT A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka. |
Etlare ha motho a le botsa taba, le tle le re ho yena: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.
Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.
Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
A re a sa bua, batho ba tswang ha mmusi wa sinagoge, ba fihla, ba re: Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?
Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.
Eitse hobane a bue jwalo, a ya bitsa Maria, ngwanabo, sephiring, a re: Moruti o teng, o a o bitsa.
Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.
Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena;
Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. —
Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.
Jesu a re ho bona: Nako ya ka ha e eso ho tle; empa nako ya lona e ntse e le yona kamehla.
Lona, nyolohelang moketeng; nna ha ke eso ho be le ho nyolohela moketeng oo, kahobane nako ya ka ha eso ho phethehe.