Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:18 - BIBELE

18 A re: “Eyang motseng ho motho ya itseng, le re ho yena: ‘Moruti o re nako ya ka e haufi, ke tla jela Paseka ha hao mmoho le barutuwa ba ka.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:18
18 Referencias Cruzadas  

mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: ‘Morena o a di hloka,’ mme o tla di lokolla hanghang.”


Le se ke la bitswa ‘Batsamaisi,’ hobane le na le Motsamaisi a le mong, e leng Kreste.


“Empa lona le se ke la bitswa ‘Moruti,’ hobane le na le Moruti a le mong, mme bohle le bana ba motho.


Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka.


“Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”


A ba sa toba ho Jesu, a re: “E, Moruti!” Yaba o a mo aka.


Yare a sa ntsane a bua, ha fihla ba tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba re: “Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?”


Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”


Hoba a rialo, a ya bitsa ngwanabo Maria ka lekunutu, a re: “Moruti o teng, mme o a o bitsa.”


Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe.


E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.


Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,


Jesu a re ho yena: “Maria!” A reteleha, a re ho Jesu ka Seheberu: “Rabbuni!” ke ho re: Moruti!


Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.


Jesu a re ho bona: “Nako ya ka ha e eso fihle, athe nako ya lona ke yona kamehla.


Lona, eyang moketeng; nna ha ke ye moketeng ona, hobane nako ya ka ha e eso fihle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos