Hobane a ke ke a sisinngwa le ka mohla o le mong, ya lokileng o tla hopolwa ka ho sa yeng kae.
Mattheu 26:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng, moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona. BIBELE Ruri ke a le bolella, hohle lefatsheng moo molaetsa ona o molemo o tla phatlalatswa teng, seo a se entseng se tla bolelwa, e be seo a hopolwang ka sona.” Baasraak Sotho NT Kannete ke re ho lona: Hohle moo Evangeli ena e tla bolelwa teng lefatsheng lohle, seo mosadi enwa a se entseng le sona se tla bolelwa e be kgopotso ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kannete ke re ho lona: Hohle moo Evangeli ena e tla bolelwa teng lefatsheng lohle, seo mosadi enwa a se entseng le sona se tla bolelwa e be kgopotso ya hae. |
Hobane a ke ke a sisinngwa le ka mohla o le mong, ya lokileng o tla hopolwa ka ho sa yeng kae.
Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.
Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;
Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena le sona se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.
ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.
Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.
Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.
ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.
ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.
e fihlileng ha heno, jwalokaha e fihlile lefatsheng lohle, moo e ntseng e beha ditholwana, jwalokaha e etsa hara lona haesale mohla le e utlwileng, le tsebileng mohau wa Modimo kannete;
Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.
Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;
Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.