Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Feela eka kgona le tiisetse tumelong. Le tshware le tiye, le se kgelohe tshepong eo le bileng le yona ha le utlwa molaetsa o molemo, o phatlalletswang dibopuwa tsohle tse tlasa letsatsi, oo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa wona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:23
72 Referencias Cruzadas  

Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


O ba lelekise ka kgalefo, o ba timetse katlasa mahodimo, Jehova!


Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mme a eshwa kahoo, o shwa ka bokgopo boo a bo entseng.


le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.


A ba a re ho bona: Eyang ka lefatsheng lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.


O tshwana le motho ya hahang ntlo, eo, eitseng ha a tjheka moralo, a o etsa sekoti, a e thea letlapeng; yare sekgohola ha se etla, phororo ya otla ntlo eo, empa e se ke ya e sisinya, kahobane e theilwe letlapeng.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.


Hobane o ne a balwa hara rona, mme o ne a abetswe tshebeletso ena.


hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Ho ne ho le Bajuda ba aheletseng Jerusalema, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse tlasa lehodimo.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Empa tsoha, o eme ka maoto; hobane ke itlhahisitse ho wena, hore ke tle ke o bee mohlanka le paki ya ditaba tseo o di boneng le ya tseo ke tla itsebisa ho wena ka tsona.


Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.


Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.


Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla;


Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;


e leng wona hape o re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, e seng sa letere, empa e leng sa Moya; hobane letere yona e a bolaya, empa Moya o a phedisa.


Ka baka leo, ha re ntse re ena le tshebeletso eo ka mohau o re hlahetseng, ha re tepelle.


Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.


Ke tshohile ka baka la lona, esere mohlomong ke sebeditse lefeela ho lona.


Empa rona, re lebeletse ka Moya tshepo ya ho loka ho tswang tumelong.


Le ne le matha hantle; ke mang ya le sitisitseng hore le se utlwe nnete?


Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.


o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


eo mohaho wohle o theilweng hodima hae, o kopaneng ka nqa tsohle, mme o ntse o hola ho ba tempele e kgethehileng Moreneng.


Kreste a tle a ahe dipelong tsa lona ka tumelo;


eo mmele wohle o bopehileng hantle, o kopantsweng hammoho, ka dikopano tsohle tse fepang ditho tsohle, o nkang kgolo ho yena, ka matla a abelwang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuwe leratong.


Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


Ke entswe mohlanka wa yona, ka kabelo eo Modimo o nkabetseng yona bakeng sa lona, ya ho isa lentswe la Modimo kahohle,


le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho.


ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona.


Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.


Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:


boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


hore, ha re se re beilwe ba lokileng ka mohau wa wona, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, jwalokaha re tshepile.


Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Empa Kreste o bile kgabane pusong ya ntlo ya wona ka mokgwa wa Mora; mme ntlo ya wona ke rona, ha re boloka, ka ho tiya, tshepo le thabo ya tebello ya rona ho fihlela la bofelo.


Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.


Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.


Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos