Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 jwale o le buseditse kgotsong ka mmele wa nama ya hae, ka lefu la hae, a tle a le hlahise pela wona le halalela, le se na letheba le molato;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Mmeleng wa nama ya hae ka lefu, a tle a le hlahise pela hae le halalela, le hloka sekodi, le sa nyatsehe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mmeleng wa nama ya hae ka lefu, a tle a le hlahise pela hae le halalela, le hloka sekodi, le sa nyatsehe.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:22
21 Referencias Cruzadas  

Ke hlokile ho nyatseha pela hae, mme ke ipolokile ke se ke ka etsa bokgopo.


Bona, ha esitile bahalaledi ba wona o sa ba tshepe, le lehodimo le sa hlweka mahlong a wona;


Ha esita le kgwedi e se ntho e kganyang, le dinaledi di sa hlweka pela mahlo a wona,


O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!


kgalalelong le ho lokeng, pontsheng ho yena, ka matsatsi wohle a ho phela ha rona.


Le lona, banabeso, le shwele ka nqa ya molao ka mmele wa Kreste, le tle le nyalwe ke e mong, e leng ya tsohileng bafung, re tle re behele Modimo ditholwana.


Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.


re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu, o tla re tsosa le rona ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.


Mme tsohle di tswa ho Modimo, o re boelantseng le wona ka Jesu Kreste, e leng wona hape o re neileng tshebeletso ya poelano;


kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona.


a tle a ikemisetse yona pela hae, e le kereke e kganyang, e se nang letheba le letsika, leha e le letho le jwaloka tseo; e mpe e be e halalelang, e se nang sekodi.


Ke yena eo re mmolelang, re ntse re tsosa batho bohle, mme re ruta batho bohle bohlale bohle, re tle re hlahise batho bohle pela Modimo, e le baphethehi ka ho Jesu Kreste.


Hobane Modimo ha o a ka wa re biletsa ditshileng, empa e le kgalalelong.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.


e leng tsela e ntjha e isang bophelong, eo a re hleketseng yona, e phunyang lesira, ke ho re, nama ya hae;


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos