Mattheu 25:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae. BIBELE “Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae, Baasraak Sotho NT Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae; |
Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.
Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.
Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.
Jwaloka mofoka ha o kguwa, o tjheswa mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe lena.
mme a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
Empa letsoho la hao, kapa leoto, ha le o dihela, o le pome, o le lahlele hole le wena; hobane ho molemo ho wena ho kena bophelong leha o le tsohane, kapa o le sehlotsa, ho ena le ho lahlelwa mollong o sa feleng, o ena le maoto a mabedi, kapa matsoho a mabedi.
Hobane ke na be ke lapile, mme ha le a ka la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme ha le a ka la nnea ka nwa;
Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.
Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.
Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo.
Mme o tla re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke le tsebe hore na le ba hokae; ntloheleng, lona bohle ba etsang ho sa lokang.
A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.
Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.
mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,
Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,
Empa haele le medisang meutlwa le dibajwa feela, lona le ye le lahlwe, le okamelwe ke thohako, mme taba ya lona ya qetello ke ho tjheswa.
Hobane Modimo, ha o sa ka wa hauhela mangeloi a sitilweng, wa mpa wa a dihela diheleng, a tlamilwe ka mahlaahlela a lefifi, mme o a neetse ho bolokelwa kahlolo;
Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.