La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 25:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane e mong le e mong ya nang le ntho o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

Ver Capítulo

BIBELE

hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane e mong le e mong ya nang le letho, o tla newa, a be le ho hongata haholo;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane e mong le e mong ya nang le letho, o tla newa, a be le ho hongata haholo;

Ver Capítulo



Mattheu 25:29
16 Referencias Cruzadas  

O rutlolotse motero wa hae jwaloka ha ho etswa serapa; o fedisitse nqalo ya diphutheho tsa hae; Jehova o lebadisitse Sione mekete le Disabatha, a nyedisa marena le baprista ka kgalefo ya hae e tukang.


Ka baka leo, ke tla mo amoha koro ya ka nakong ya yona, le veine ya ka nakong ya yona, ke mo amohe boya le lene tsa ka tseo a apesang bofeela ba hae ka tsona. Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae ka tsona.


Hobane ya nang le ntho, o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.


Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.


Mo amoheng talenta hle, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome.


Hobane ya nang le ntho, o tla boela a newe, athe ya se nang letho, ntho eo a nang le yona o tla e amohuwa.


kanthe ntho e hlokwang e nngwe feela; mme Maria o ikgethetse kabelo e ntle, eo a ke keng a e amohuwa.


Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.


Ekare ha re mo lesela jwalo, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba timetse motse wa rona le setjhaba sa rona.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.