Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka baka leo, ke tla mo amoha koro ya ka nakong ya yona, le veine ya ka nakong ya yona, ke mo amohe boya le lene tsa ka tseo a apesang bofeela ba hae ka tsona. Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae ka tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Kahoo ke tla mo amoha koro ya ka e butswitse, ke mo amohe veine ya ka e ritelehile, ke mo amohe boya le motsitla wa ka, tseo a patang bofeela ba hae ka tsona.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:9
15 Referencias Cruzadas  

Yaba ke otlollela letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka o neela matleng a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesta, ba neng ba le dihlong ka metsamao ya hao e ditshila.


Ke tla o neela bona matsohong; ba tla diha meaho ya hao e didikwadikwe, ba heletse dinqalo tse diphahameng tsa hao; ba tla o hlobodisa diaparo, ba nke mekgabo ya hao, ba o tlohele hona moo, o le feela, o hlobotse.


Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba o amohe mekgabo ya hao.


Hobane morena wa Leboya o tla boela a bokelle makgotla a mangata, a fetisang a pele, mme ha ho fetile dilemo tse ding, o tla tla, a fihle ka makgotla a maholo le ka phahlo e ngata.


ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.


Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.


Seotlo le sehatelo sa ole di ke ke tsa ba kgorisa, veine e tla thetsa tebello ya bona.


Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.


Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.


Leha Edomo a ka re: Re thumakantswe; empa re tla kgutla, re be re tsose masupi a senyehileng ... Jehova wa makgotla o re: Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa, mme ba tla bitswa naha ya bokgopo, le setjhaba seo Jehova a se halefelang kamehla.


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos