Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Ke gone, tlhokomelang ka fa lo utlwang ka teng; mme mang le mang ya se nang letho, ho yena o tla amohuwa le seo a bonahalang a na le sona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ke gone, tlhokomelang ka fa lo utlwang ka teng; mme mang le mang ya se nang letho, ho yena o tla amohuwa le seo a bonahalang a na le sona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:18
25 Referencias Cruzadas  

Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.


Hobane ya nang le ntho, o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.


Hobane e mong le e mong ya nang le ntho o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.


Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa lokelang — ya balang a lemohe — mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;


Ke fela ke re ho lona: Ho tla fuwa e mong le e mong ya nang le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.


Le ikenye ditaba tsena ditsebeng tsa lona. Hobane Mora motho o ya neelwa matsohong a batho.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Ke ka baka leo ke phakisitseng ka romela ho wena; o entse hantle ha o tlile. Jwale, re dutse mona kaofela kapela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.


Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.


Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.


Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.


Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


E seng hore le nna nka hloka seo nka ithorisetsang ka sona le nameng. Ekare ha e mong a lekanya hoba o na le sebaka sa ho ithorisetsa nameng, haholo ka nna eo.


Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos