Mattheu 24:47 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kannete ke re ho lona: O tla mmea moalosi wa mesebetsi ya hae kaofela. BIBELE Ruri ke a le bolella, o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae. Baasraak Sotho NT Kannete ke re ho lona: O tla mmea hore a okamele tsohle tsa hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kannete ke re ho lona: O tla mmea hore a okamele tsohle tsa hae. |
Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.
Ho lehlohonolo mohlanka eo morena wa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa jwalo.
Empa ekare ha mohlanka eo a le kgopo, mme a ipolella pelong, a re: Morena ka o diehile ho fihla;
Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.
Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.
Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.
A re ho yena: Ho lokile, mohlanka ya molemo; ereka ha o bile kgabane ka ntho e nyenyane, busa metse e leshome.
Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.
mme ha re mamella bohloko le yena, re tla busa le yena; ha re mo latola, le yena o tla re latola;
Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.
Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.