Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:47 - BIBELE

47 Ruri ke a le bolella, o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Kannete ke re ho lona: O tla mmea moalosi wa mesebetsi ya hae kaofela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

47 Kannete ke re ho lona: O tla mmea hore a okamele tsohle tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Kannete ke re ho lona: O tla mmea hore a okamele tsohle tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:47
15 Referencias Cruzadas  

Kgosi e kgahlwa ke mohlanka ya bohlale, athe ya hlabisang dihlong yena e a mo halefela.


Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla.


“Ho lehlohonolo mohlanka eo ereng ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo.


Empa haeba e le mohlanka ya kgopo, o tla re ka pelong: ‘Monga ka o dieha ho tla,’


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse.


Kannete ke a le bolella hore o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae.


“A re ho yena: ‘O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


haeba re mamella, re tla busa le yena; haeba re mo latola, le yena o tla re latola;


Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng.


Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka.


“Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos