Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 19:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A re ho yena: Ho lokile, mohlanka ya molemo; ereka ha o bile kgabane ka ntho e nyenyane, busa metse e leshome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 “A re ho yena: ‘O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 A re ho yena: Ho lokile, mohlanka ya molemo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 A re ho yena: Ho lokile, mohlanka ya molemo;

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:17
14 Referencias Cruzadas  

Josefa a fumana mohau mahlong a hae, a mo sebeletsa, monga hae a mmea hore e be molaodi wa ntlo ya hae, mme tsohle tseo a nang le tsona a di bea letsohong la hae.


Ya disang sefate sa feiye o tla ja tholwana ya sona, ya bolokang monga hae hantle o tla hlomphuwa.


Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.


Ya leng kgabane ho tse nyenyane, le ho tse kgolo o tla ba kgabane; mme ya sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kgolo.


Ha fihla wa pele, a re: Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome.


Wa bobedi a tla, a re: Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse hlano.


le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


empa Mojuda ke eo e leng yena kahare, mme lebollo ke la pelo, le etswang ke Moya, e seng ke letere: Mojuda eo, poko ya hae ha e tswe ho batho, empa e tswa ho Modimo.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos