Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.
Mattheu 22:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a tseba lonya la bona, a re: Le ntekelang, lona baikaketsi? BIBELE Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, mme a re: “Baikaketsi ting! Le ntekelang? Baasraak Sotho NT Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, a re: Baikaketsi le ntekelang? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, a re: Baikaketsi le ntekelang? |
Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.
Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka; yaba ba re ho yena: Hleka motho o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na?
Ka baka leo, o re bolelle kgopolo ya hao: Hleka ho a lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?
A boela a roma e mong; yena ba mmolaya. A roma ba bang ba bangata; ba otla ba bang, ba bang ba ba bolaya.
Jesu a lemoha kapele, ka moya wa hae, hobane ba hopotse jwalo ka ho bona, mme a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?
Yaba moruti e mong wa molao o ema, a leka Jesu, a re: Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?
Yare ha Jesu a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?
le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.
Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.
Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.
Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.