Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jesu a lemoha kapele, ka moya wa hae, hobane ba hopotse jwalo ka ho bona, mme a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Yare ha Jesu a lemoha kapele moyeng wa hae hore ba ne ba nahana jwalo ka dipelong tsa bona, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Yare ha Jesu a lemoha kapele moyeng wa hae hore ba ne ba nahana jwalo ka dipelong tsa bona, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 2:8
23 Referencias Cruzadas  

Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


O tseba ha ke dula, leha ke tsoha; o tseba mohopolo wa ka, o le hole.


Mehopolo ya moetsadibe e manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke dipuo tsa ba pelo di hlwekileng.


Morero wa lewatla ke sebe, mme mosomi ke manyala ho batho.


Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


Morena Jehova o re: Tsatsing leo, mehopolo e tla nyoloha pelong ya hao, o tla qapa morero o mobe,


Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.


Ba hakanya ka ho bona, ba re: Eka ke hobane re sa ka ra nka mahobe.


Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?


Enwa o buelang jwalo? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang motho dibe, haese Modimo o nnotshi?


Na haele ho re ho ya omeletseng ditho: O tshwaretswe dibe tsa hao, e le ho re: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye, ho bonolo ke hofe na?


Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,


A re ho bona: Le tshohelang? mme mehopolo e jwalo e hlahelang dipelong tsa lona?


Yare ha Jesu a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?


Empa o ne a tseba mehopolo ya bona, a ba a re ho motho ya letsoho le omeletseng: Tsoha, o eme hare. Yaba o tsoha, a ema.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o ne a tseba, esale ho qaleng, ba sa dumeleng le ya tlang ho mo eka.


Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?


Hlo o bake bolotsaneng bona ba hao, mme o rapele Modimo; ekaba mohlomong o ka tshwarelwa kgopolo eo ya pelo ya hao.


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos