Mattheu 21:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo! BIBELE Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!” Baasraak Sotho NT Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong. |
Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.
hobane ke re ho lona: Ho qala jwale, ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!
Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko.
Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi; mme kannete ke a le bolella, ke re: Ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena.
Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.