O tla ruta mang bohlale, o tla utlwisa mang thuto? Hleka ke bana ba tswa kgweswa, kapa ba tlositsweng letsweleng?
Mattheu 21:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. Mme a re ho bona: Le nna, nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona. BIBELE Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.” A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.” Baasraak Sotho NT Ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. A re ho bona: Le nna ha ke le bolelle matla ao ke etsang ntho tseo ka wona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. A re ho bona: Le nna ha ke le bolelle matla ao ke etsang ntho tseo ka wona. |
O tla ruta mang bohlale, o tla utlwisa mang thuto? Hleka ke bana ba tswa kgweswa, kapa ba tlositsweng letsweleng?
Nontsha pelo tsa batho bao, o thatafatse ditsebe tsa bona, o ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utlwe ka ditsebe, dipelo tsa bona di se elellwe, ba se ke ba baka, ba fola.
Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.
Kameso le re: Kajeno le tla duma, hobane lehodimo le bofubedu bo botsho. Baikaketsi, ha le tseba ho lemoha tshobotsi ya lehodimo hantle, le sitwa keng ho lemoha dipontsho tsa mehla ena na?
Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, re tshaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moporofeta.
Empa le reng ka taba ena? Motho o ne a na le bara ba babedi; a ya ho wa pele, a re ho yena: Mora ka, eya, o sebetse kajeno tshimong ya ka ya merara.
Motho eo a ba araba, a re: Taba e makatsang ke ena ya hore ha le tsebe moo a tswang teng, athe o ntutuboletse mahlo.
Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.