Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Kameso le re: Kajeno le tla duma, hobane lehodimo le bofubedu bo botsho. Baikaketsi, ha le tseba ho lemoha tshobotsi ya lehodimo hantle, le sitwa keng ho lemoha dipontsho tsa mehla ena na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Hoseng le re: ‘Kajeno ho tla ba le sefefo, hobane lehodimo le bofubedu bo lefifi.’ Le tseba ho hlalosa sebopeho sa lehodimo; athe le sitwa ho hlalosa ditshupo tsa dinako tsee!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Hosasane, le re: Kajeno ho tla ba le lerata, hobane lehodimo le lefubedu, le letshoane. Baikaketsi ke lona, le tseba ho lemoha sebopeho sa lehodimo; empa na ha le kgone ho lemoha dipontsho tsa mehla?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hosasane, le re: Kajeno ho tla ba le lerata, hobane lehodimo le lefubedu, le letshoane. Baikaketsi ke lona, le tseba ho lemoha sebopeho sa lehodimo; empa na ha le kgone ho lemoha dipontsho tsa mehla?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:3
11 Referencias Cruzadas  

Ho bana ba Issaskare, ba neng ba ithutile ho kgetha dinako ho tseba seo Baiseraele ba tshwanetseng ho se etsa, ha tla mahosana a bona a makgolo a mabedi, hammoho le banababo wona kaofela ba leng taolong ya wona.


Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


Baikaketsi, Esaia o ne a porofete tsa lona hantle, ha a itse:


Empa Jesu a tseba lonya la bona, a re: Le ntekelang, lona baikaketsi?


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.


Moikaketsi, qala hle ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana leihlong la ngwaneno.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.


Baikaketsi! le tseba ho lemoha tshobotsi ya lehodimo le ya lefatshe, mme nako ena ha le tsebe keng ho e lemoha?


Empa Morena a mo araba, a re: Baikaketsi! na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla kgomo ya hae, leha e le esele ya hae sejelong ka Sabatha, a tle a e ise ho nwa na?


empa dijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao dikelello tsa bona di lemaletseng ho kgetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebediswa hona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos