Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ekare ha Evangeli ya rona e kwahetswe, e kwahelletswe ba timelang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Haeba molaetsa wa rona o molemo o siretse, o siretse ba yang timelong,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Empa haeba molaetsa o molemo wa rona o patehile, o patetswe ba timelang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Empa haeba molaetsa o molemo wa rona o patehile, o patetswe ba timelang.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 4:3
11 Referencias Cruzadas  

Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.


Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.


Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;


Mme mohla ke tlileng Trowase ho bolela Evangeli ya Kreste, leha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena,


Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.


e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos