Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Empa re ile ra tela tsa sekgukgu, tse dihlong, ra se ke ra tsamaya ka mano, leha e le ho sotha lentswe la Modimo. Re mpa re phatlalatsa nnete, re leka ho hapa maikutlo a batho bohle, mme le Modimo o a tseba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Empa re lahlile tse patilweng tsa bohlola, re sa tsamaye ka mano, mme re sa tshohe lentswe la Modimo; empa ka ho bonahatsa nnete, re ipuella matswalong a batho bohle pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Empa re lahlile tse patilweng tsa bohlola, re sa tsamaye ka mano, mme re sa tshohe lentswe la Modimo; empa ka ho bonahatsa nnete, re ipuella matswalong a batho bohle pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 4:2
16 Referencias Cruzadas  

A ba a re: Phetang la bobedi. Ba boela ba etsa. A re: Phetang la boraro. Ba etsa la boraro.


Hobane ha ke na dihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena Mogerike.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.


Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.


Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.


Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.


hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;


Hobane, leha ke ne ke ithorise ka lona pela hae, ka hore ho itseng, ha ke a ka ka swaba ke hona; empa jwalokaha re ne re le bolelle nnete tabeng tsohle, le hona ho ithorisa ha rona ka lona pela Tite ho fumanwe e le nnete ka sebele.


hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;


hobane le ho bolelwa tseo ba di etsang sephiring ke taba e hlabisang dihlong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos