A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
Mattheu 20:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Efela le tla nwela senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; empa haele ho dula letsohong la ka le letona, kapa ho le letshehadi, ha ke na ho ho nea motho, haese ba ho lokiseditsweng ke Ntate. BIBELE A re ho bona: “Ha e le senwelo sa ka le tla se nwa, empa ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng ke Ntate.” Baasraak Sotho NT A re ho bona: Efela le tla nwa senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; ho bao ba di lokiseditsweng ke Ntate. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Efela le tla nwa senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; ho bao ba di lokiseditsweng ke Ntate. |
A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.
Empa haele ho dula letsohong la ka le letona, leha e le ho le letshehadi, ha ke na ho ho nea, ho mpa ho boloketswe ba ho lokiseditsweng.
Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.
Empa ho dutse jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Taba tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ya motho.
ka ho tseba hore, jwalokaha le ena le kabelo bohlokong, hape, le na le yona le tshedisong.
Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.
Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.
Nna, Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso, le mamello e leng ho Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka bka la lentswe la Modimo, le ka baka la ho paka Jesu Kreste.