Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Empa jwale ba labalabela e nngwe, e lehodimong, e fetang eo ka molemo. Ka baka leo, Modimo ha a dihlong ho bitswa Modimo wa bona, hobane o ba lokiseditse motse.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Empa jwale ba lakatsa lefatshe le fetisang ka molemo, ke ho re, la lehodimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Empa jwale ba lakatsa lefatshe le fetisang ka molemo, ke ho re, la lehodimo;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:16
26 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.


A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.


Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.


Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.


Ke hore ba tle ba kgolwe hobane Jehova, Modimo wa bontata bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o iponahaditse ho wena.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?


Hobane ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa mohla a tlang ka kganya ka, pela moloko wona o mofebi, o moetsadibe, le yena Mora motho o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae hammoho le mangeloi a halalelang.


Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.


Haele hobane bafu ba tla tsoha, Moshe le yena o ho bonahaditse, mohla a leng pela sehlahla, ha a bitsa Morena, Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo.


Meaho e mangata ka tlung ya Ntate; hojane ha ho jwalo, nka be ke le boleletse; ke ya ho le lokisetsa bodulo.


Ke nna Modimo wa bontatao. Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o tshwarwa ke ho thothomela, mme a tshaba ho tadima.


Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;


Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.


hobane o ne a lebeletse motse o nang le motheo, oo Modimo e leng mohahi le mothei wa wona.


Ba buang jwalo ba bonahala hoba ba batla moo e tla ba ha habo.


hobane Modimo o re bonetse ho hong ho fetisang, ba tle ba se ke ba phetheha, rona re le siyo.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, Jerusalema wa lehodimo, diketeng tsa dikete tsa mangeloi,


Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha.


Hobane leha e le ya halaletsang, leha e le ba halaletswang, ke ba a le mong bohle; ka baka leo, ha a na dihlong tsa ho ba bitsa banababo,


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos