Mantswe a Jeremia, mora Hilkia, e mong wa baprista ba Anathothe, lefatsheng la Benjamine,
Mattheu 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, ho etsahetse ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: BIBELE Ya eba moo ho phethahalang ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: Baasraak Sotho NT Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: |
Mantswe a Jeremia, mora Hilkia, e mong wa baprista ba Anathothe, lefatsheng la Benjamine,
A dula teng, Heroda a ba a shwa, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta ya itseng: Ke latile mora wa ka Egepeta.
Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.
Mohoo o utlwahetse Rama, wa pohomela, wa dillo, wa mahlomola a maholo: Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediswa, hobane ba le siyo.
Ke moo ho etsahetseng ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: Ba nkile ditjhelete tse mashome a mararo, theko ya ya lekanntsweng, eo bara ba Iseraele ba mo lekantseng jwalo,