La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 19:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba re ho yena: Moshe eena o laetse keng ho nea mosadi lengolo la hlalo, le ho mo hlala?

Ver Capítulo

BIBELE

Ba re ho yena: “Jwale ke ka baka lang Moshe a laetseng hore mosadi ‘a newe lengolo la tlhalo, mme a hlalwe?’ ”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ba re ho yena: Jwale, ke ka baka lang Moshe a laetse ho newa lengolo la tlhalo, le ho hlala?

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ba re ho yena: Jwale, ke ka baka lang Moshe a laetse ho newa lengolo la tlhalo, le ho hlala?

Ver Capítulo



Mattheu 19:7
9 Referencias Cruzadas  

Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.


Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele; ya hlalang o apesa kobo ya hae ka bokgopo, ho bolela Jehova wa makgotla. Iponeleng hle meyeng ya lona, le se ke la etsa ka bolotsana.


Josefa, monna wa hae, kahobane e le motho ya lokileng, mme a sa rate ho mo hobosa, a hopola ho mo lahla ka sephiring.


Ha ho le jwalo, ha ba sa hlola ba eba babedi, empa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng: Seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.


A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo.


Ho boletswe hape, ha thwe: Motho ha a hlala mosadi wa hae, a mo nee lengolo la hlalo.


Ba re: Moshe o dumetse hoba lengolo la hlalo le ngolwe, mme ho hlalwe.