Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.
Mattheu 18:35 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle. BIBELE “Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarelane bohle ka pelo tsa lona tsohle.” Baasraak Sotho NT Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona. |
Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.
Tsela tsa motho kaofela di lokile mahlong a hae, empa Jehova ke yena ya lekanyang dipelo.
Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.
le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.
Morena wa hae a ba bohale, mme a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato wohle wa hae.
Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
Hobane ekare ha le sa tshwarele ba bang, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.
Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.
Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.
Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.
Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.
Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.