Mattheu 18:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba morena wa hae o mo laetsa, a re ho yena: Mohlanka ya lonya, ke ne ke o leseletse molato wohle wa hao, kahobane o ne o nthapetse. BIBELE “Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: ‘Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela. Baasraak Sotho NT Yaba morena wa hae a mmitsa, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo ke wena, ke o lebaletse molato oo kaofela, kahobane o ile wa nthapela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba morena wa hae a mmitsa, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo ke wena, ke o lebaletse molato oo kaofela, kahobane o ile wa nthapela. |
Balekane ba hae ba bohlanka, ha ba bona ho entsweng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.
Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalokaha ke ne ke o hauhetse le wena na?
Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng.
A re ho yena: Mohlanka e mobe, ke tla o ahlola ka polelo ya hao. O ne o tseba hobane ke motho ya thata, ke nkang seo ke sa kang ka se bea, ke kotulang seo ke sa kang ka se jala!
Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.
Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.