Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Balekane ba hae ba bohlanka, ha ba bona ho entsweng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Ha balekane ba hae ba bohlanka ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya phetela monga bona tsohle tse etsahetseng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 Yare ha bahlanka ba bang ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Yare ha bahlanka ba bang ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:31
16 Referencias Cruzadas  

Meloko ya Jakobo ke ena: Josefa o ne a le dilemo tse leshome le metso e supileng; o ne a ntse a alosa dinku le banababo, mme mohlankanyana eo o ne a tsamaya le bara ba Bilha le bara ba Silpa, basadi ba ntatae; empa Josefa o ne a ntse a sebela ntata bona ditaba tse mpe tsa bona.


Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!


Ke nyonyiswa ke ba sa tshepehang, hobane ha ba boloke lentswe la hao.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


Morena a swaba; empa ka baka la kano ea hae, le ka baka la ba dutseng dijong le yena, a laela hore a e newe.


Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba o a mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao.


Eo a hana, a mpa a ya, a mo kgarameletsa teronkong, hore a be a lefe molato.


Yaba morena wa hae o mo laetsa, a re ho yena: Mohlanka ya lonya, ke ne ke o leseletse molato wohle wa hao, kahobane o ne o nthapetse.


A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.


Mohlanka eo a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Yaba monga ntlo o a halefa, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele mapatlelong le diterateng tsa motse, mme o tlise kwano mafutsana, le dihole, le dihlotsa, le difofu.


Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela,


Thabang le ba thabileng, mme le lle le ba llang.


Ke rialo ka dihlong, ho le jwaloka hoja re se na matla le hanyenyane. Athe leha motho a ka bua a sa tshabise letho, le nna — ke bua ka bowatla — nke ke ka tshabisa letho.


Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.


Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos