Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:31 - BIBELE

31 Ha balekane ba hae ba bohlanka ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya phetela monga bona tsohle tse etsahetseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Balekane ba hae ba bohlanka, ha ba bona ho entsweng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 Yare ha bahlanka ba bang ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Yare ha bahlanka ba bang ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:31
16 Referencias Cruzadas  

Tsena ke ditaba tsa lelapa la Jakobo. Josefa ha a ena le dilemo tse leshome le metso e supileng o ne a disa mehlape le bana babo. Moshanyana enwa o ne a ena le bara ba Bileha le Silepa, basadi ba ntatae, mme Josefa a bolella ntatae ditaba tsa bona tse mpe.


Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao.


Ha ke bona bakwenehi ke a teneha, hoba tshepiso ya hao, ha ba e hlokomele.


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


Mmusisi a swaba, empa ka baka la kano ya hae, le ka baka la ba leng dijong le yena, a laela hore a e newe.


“Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: ‘Lefa molato wa hao!’


Empa yena a hana, a ya mo hlahlela tjhankaneng ho fihlela a ka lefa molato.


“Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: ‘Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


“Mohlanka a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Ya eba moo monga ntlo a halefang, a re ho mohlanka wa hae: ‘Phakisa o tswele ditseleng le ditselaneng tsa motse, o tlise kwano mafutsana, le dihole, le difofu, le diritsa.’


Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Ke hlajwa ke dihlong ho dumela hore re ile ra fokola tabeng ena, empa moo motho a sa tshabeng ho ithorisa, le nna ha ke tshabe. Feela ke bua ka bothoto.


Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.


Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos