Jesu a ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa ka motho ya jadileng peo e ntle tshimong ya hae.
Mattheu 18:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae. BIBELE “Ka baka leo, Mmuso wa mahodimo o ka tshwantshwa le kgosi e itseng, e ratileng ho hlahlobisana boemo ba tshebetso le bahlanka ba yona. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le morena ya neng a rata ho qosa bahlanka ba hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le morena ya neng a rata ho qosa bahlanka ba hae. |
Jesu a ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa ka motho ya jadileng peo e ntle tshimong ya hae.
A ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae.
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela.
Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.
A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.
Eitse ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome;
Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi.
Hobane ho jwaloka motho ya etang, eo eitseng hobane a bitse bahlanka ba hae, a ba neela letlotlo la hae.
Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng;
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.