La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshaba.

Ver Capítulo

BIBELE

Jesu a tla ho bona, a ba ama, a re: “Emang, se tshabeng!”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshoha.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshoha.

Ver Capítulo



Mattheu 17:7
10 Referencias Cruzadas  

Empa, bonang, letsoho le leng la nkama, la sisinya mangwele a ka le matsoho a ka.


Yaba ke boela ke angwa ke ya tshwanang le motho, a busetsa matla ho nna,


A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.


ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;


Empa Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo, ke nna, se tshabeng.


Barutuwa ha ba utlwa lentswe, ba wa ka difahleho tsa bona, ba tshohile haholo.


Ha ba emisa mahlo, ha ba ka ba hlola ba bona motho, haese Jesu a nnotshi.


Eitse basadi ha ba sa tshohile, ba kobotetse fatshe, ba re ho bona: Ya phelang na le mmatlelang hara bafu?


A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.