Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:21
27 Referencias Cruzadas  

Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.


Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae!


O etsa meya manqosa a hae, malakabe a mollo ke bahlanka ba hae.


Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


Konyana e nngwe o tla e hlaba hosasa, konyana ya bobedi o e hlabe mantsiboya;


Dirafime di ne di eme hodimo ho yena; se seng le se seng se ne se na le mapheo a tsheletseng; ka a mabedi di ne di itshirela difahleho, ka a mabedi di ne di ikwahela maoto, ka a mabedi di ne di rura.


Ke tsona difahleho tsa tsona. Haele dipheo, di ne di arohane nqa hodimo; se seng le se seng se ne se na le dipheo tse pedi tse tshwaraneng, tse pedi tse ding di ne di apesa mmele ya tsona.


Dibopuwa di ne di ya di matha, di boye, di tshwana le tladi.


ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.


Empa, bonang, letsoho le leng la nkama, la sisinya mangwele a ka le matsoho a ka.


Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.


Yaba ke boela ke angwa ke ya tshwanang le motho, a busetsa matla ho nna,


Ka utlwa lentswe la motho le tloha pakeng tsa mabopo a Ulai, la howeletsa, la re: Gabriele, mo kwaholelle pono.


A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.


Ha ho batlile ho ba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lamma sabakthani? ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?


Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.


Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabriele la romelwa ke Modimo motseng o mong wa Galelea, o bitswang Nasaretha,


A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!


Ka hosasane, yare ha ba sa le tseleng, ba se ba atamela motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, ha hora e batlile ho ba ya botshelela.


Empa hang, lengeloi la Morena la hlaha, mme lesedi la kganya teronkong; yaba le sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Yaba mahlaahlela a wa matsohong a hae.


Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong.


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


Athe haele ka mangeloi, o itse: O etsa mangeloi a wona meya e fokang, le bahlanka ba wona malakabe a mollo.


Ponong ya ka ka bona jwalo le tsona dipere, le ba di kaletseng; ditshireletso tsa bona e ne e le tsa mollo, le tsa hiasinthe, le tsa sebabole; dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau; ho ne ho etswa melomong ya tsona mollo, le mosi, le sebabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos