Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 a ntsebisa, a bua le nna, a re: Daniele, ke hlahile jwale ho o nea kutlwisiso ya taba tseo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 A bua le nna, a ntlhalosetsa, a re: “Daniele, jwale ke tlile ho wena ho tla o nea tsebo le kutlwisiso.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:22
12 Referencias Cruzadas  

A re ho nna: Daniele, monna ya ratwang, mamela ditaba tseo ke o bolellang tsona, o nne o eme maotong a hao; hobane jwale ke romilwe ho wena. Eitse hobane a bue jwalo le nna, ka ema ke ntse ke thothomela.


A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.


Ke tlile jwale ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno mehleng ya qetello; hobane pono e lebisa ho tse tlang ho tla.


Leha ho le jwalo, ke rata ho o senolela se ngodilweng bukeng ya nnete. Ha ho ya ntlatsang ho lwantsha bano, haese Mikaele, kgosana ya lona.


Ka itlisa ho e mong wa ba emeng moo, ka mo kopa nnete ya ditaba tseo kaofela; a bua le nna, a ntshenolela tsona,


Ka utlwa lentswe la motho le tloha pakeng tsa mabopo a Ulai, la howeletsa, la re: Gabriele, mo kwaholelle pono.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


Mme lengeloi le buang le nna la mpolella, la re: Phahamisa lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Jerusalema le Sione ka poulelo e kgolo;


Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe.


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele, leo ke neng ke le utlwile le bua le nna, le kang la terompeta, la re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho hlaha kamora tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos